Baahlodi 7:4-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Jehova a boela a re ho Gideone: Setjhaba se sa le seholo; se theosetse metsing, ke tle ke o kgethele teng ba tla ya le wena. Eo ke tla o bolella yena, ke re: Enwa a ye le wena, o tla ya le wena; mme e mong le e mong eo ke tla o bolella yena, ke re: Enwa a se ke a ya le wena, ha a na ho ya.

5. Yaba Gideone o theosetsa setjhaba metsing, mme Jehova a re ho Gideone: E mong le e mong ya tla qapha metsi ka leleme, jwalokaha ho qapha ntja, o mo kgethe; o kgethe le bohle ba tla kgumama ka mangole ho nwa.

6. Mme palo ya ba qaphileng ka matsoho ho isa metsi molomong, ya eba batho ba makgolo a mararo; ba bang kaofela ba kgumama ka mangole ho nwa metsi.

7. Jwale Jehova a re ho Gideone: Ke tla le namolela ka batho bana ba makgolo a mararo ba qaphileng, ke neele Bamidiane matsohong a hao ka bona; ba bang bohle ba ipoelle e mong le e mong ha habo.

8. Yaba ba makgolo a mararo ba nka mofaho wa setjhaba matsohong a bona le diterompeta tsa sona; Baiseraele ba bang bohle Gideone a ba kgutlisetsa e mong le e mong tenteng ya hae, a thibela batho ba makgolo a mararo. Haele diahelo tsa Bamidiane, di ne di le katlase ho yena, lehwatateng.

9. Bosiung bona boo, Jehova a re ho yena: Ema, o theohele diahelong, etswe ke di neetse matsohong a hao.

Baahlodi 7