Baahlodi 7:22-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Ba makgolo a mararo ba nna ba letsa diterompeta, mme Jehova a etsa hore e mong le e mong wa Bamidiane a hlabe e mong ka sabole ya hae diahelong tsohle, bohle ba diahelong ba ba ba baleha ho ya fihla Bethe-Shitta, nqa Tserera, le ho ya fihla moeding wa Abele-Mehola, nqa Tabbathe.

23. Banna ba Iseraele ba ha Nefthali, le ba ha Asere, le bohle ba ha Manasse ba hlabelwa mokgosi mme ba phallela Bamidiane.

24. Gideone a romela manqosa le ho bohle ba thabeng ya Efraime, a re: Theohang ho ya lwantsha Bamidiane, le tshware madiboho pele, ho ya fihla Bethe-Bara, e le madiboho a Jordane. Kahoo, banna bohle ba Iseraele ba phutheha, mme ba tshwara madiboho, ho ya fihla Bethe-Bara, e le madiboho a Jordane.

25. Ba tshwara marena a mabedi a Midiane, Orebe le Seebe; ba bolaya Orebe lefikeng la Orebe, Seebe yena ba mmolaya sehatelong sa Seebe ba ntoo phallela Bamidiane. Mme hlooho tsa Orebe le Seebe ba di tlisetsa Gideone mose wane wa Jordane.

Baahlodi 7