1. Banna ba Iseraele ba ne ba hlapantse Mitspe, ba re: Ha ho e mong wa rona ya tla neela Babenjamine moradi wa hae nyalong.
2. Setjhaba sa ya Bethele; ba dula teng pela Modimo, ha ba ha eba mantsiboya, ba lla, ba bokolla ka pokollo e kgolo haholo.
3. Ba re: Oho Jehova, Modimo wa Iseraele, taba eo e hlahile jwang, ha kajeno leloko le leng le hlokahetse Iseraeleng?
4. Ka hosasane, setjhaba sa tsoha e sa le ka meso; ba haha aletare teng, ba hlaba ditjheso le mahlabelo a teboho.
5. Yaba bana ba Iseraele ba re: Ke bafe, melokong yohle ya Iseraele, ba sa kang ba nyolohela ho Jehova phuthehong? Ba rialo kahobane ba ne ba hlapantse ka hlapanyo e kgolo bakeng sa ba ka hanang ho nyolohela ho Jehova, Mitspe, ba re: Ruri ba tla bolawa.
6. Hape, bana ba Iseraele ba swabela Babenjamine, banababo bona, ka ho re: Kajeno, leloko le leng le kgaotswe Iseraeleng.
7. Re tla ba etsetsa jwang hore re nee ba setseng basadi, haele moo re hlapantse ka Jehova, ra re, re ke ke ra ba neela baradi ba rona e be basadi ba bona?