Baahlodi 19:2-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Serethe seo sa hae sa feba, sa mo tlohela; sa kgutlela ha ntata sona, Bethlehema-Juda, sa dula teng sebaka sa kgwedi tse nne.

3. Jwale, monna wa hae a tloha, a mo latela ho ya bua le pelo ya hae, a tle a mo kgutlise; a ya le mohlanka wa hae le diesele tse pedi. Mosadi eo a mo amohela tlung ya ntatae, mme ntata morwetsana ha a mmona, a thaba ha a teana le yena.

4. Mohwehadi wa hae, ntata morwetsana, a mo thibela a ba a dula le yena tshiu tse tharo; mme ba eja, ba enwa, ba robala teng bosiu.

5. Eitse ka la bone, ba tsoha e sa le hosasa; Molevi ha a re o a tsamaya, ntata morwetsana a re ho mokgwenyana wa hae: Natlafatsa pelo ya hao ka ho ja mothamo wa bohobe, le ntoo tsamaya.

6. Kahoo, ba dula, ba eja, ba enwa ba babedi hammoho, ntata morwetsana a ntoo re ho monna Dumela ho dula kwano le bosiu bona, pelo ya hao e tle e thabe.

7. Empa monna a ema, a re o a tsamaya; empa mohwehadi wa hae a mo phehella, a ba a kgutla, a robala le bosiu boo teng.

8. Hosasane, ka la bohlano, a tsohela ho tsamaya e sa le ka meso, empa ntata morwetsana a re: Ako natlafatse pelo ya hao, le hlole mona, tsatsi le be le rapame. Ba ja jwalo ba babedi.

9. Yaba monna o a ema, a re o a tsamaya, e le yena le serethe sa hae, le mohlanka wa hae; empa mohwehadi wa hae, ntata morwetsana, a re ho yena: Bona, letsatsi le se le ile; ho se ho tla phirima; robalang kwano le bosiu bona; bona, letsatsi le a dikela, robala kwano bosiu bona, mme pelo ya hao e ke e thabe. Hosasane, le tla tsohela leeto la lona e sa le ka meso, o ikele ha eno.

10. Empa monna a hana ho robala teng bosiu, a ba a ema, a tsamaya, mme a fihla pela Jebuse, e leng Jerusalema, a ena le diesele tse pedi tse belesitseng, le sona serethe sa hae se le ho yena.

Baahlodi 19