16. Mme bonang, monna ya tsofetseng o ne a oroha masimong, mosebetsing wa hae, e le ka shwalane, e le monna wa thaba ya Efraime, a mpa a aheletse Gibea; athe batho ba motse oo e ne e le Babenjamine.
17. Eitse ha a emisa mahlo, a bona monna wa moeti lepatlelong la motse; yaba monna eo ya tsofetseng o re ho yena: O ya kae?
18. Eo a re ho yena: Re tswa Bethlehema-Juda, re ya letswapong la thaba ya Efraime; ke wa teng; ke ne ke ile Bethlehema-Juda, mme jwale ke ya tlung ya Jehova; leha ho le jwalo, ha ho motho ya nkamohelang tlung ya hae.
19. Athe ke na le setroi le furu ya diesele tsa rona; hape, ke na le bohobe le veine e lekaneng nna le lekgabunyane la hao, le mohlanka eo bahlanka ba hao ba nang le yena; ha re hloke letho.
20. Monna ya tsofetseng, a re: Kgotso e be le wena! tsohle tseo o di hlokang, ke nna ke tla o batlela tsona. Feela, o se ke wa robala bosiu lepatlelong.