Baahlodi 19:10-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Empa monna a hana ho robala teng bosiu, a ba a ema, a tsamaya, mme a fihla pela Jebuse, e leng Jerusalema, a ena le diesele tse pedi tse belesitseng, le sona serethe sa hae se le ho yena.

11. Ha ba se ba le haufi le Jebuse, letsatsi le ne le se le rapame; mohlanka a re ho mong a hae: Tloo, re fapohele motseng ono wa Bajebuse, re robale bosiu teng.

12. Monga hae a re ho yena: Re ke ke ra fapohela motseng wa baditjhaba, oo e seng wa bana ba Iseraele; re tla mpe re fetele pele ho ya fihla Gibea.

13. A eketsa a re ho mohlanka wa hae: Tsamaya, re atamele o mong wa metse yane, re robale Gibea, kapa Rama.

14. Kahoo, ba fetela pele, ba tsamaya, mme letsatsi la ba dikella Gibea, e leng motse wa Benjamine.

15. Ba fapohela Gibea jwalo, ba kena teng ho robala bosiu.Eitse hobane a kene, a dula lepatlelong la motse, ho se motho ya ba amohelang tlung ya hae, hore ba robale bosiu teng.

16. Mme bonang, monna ya tsofetseng o ne a oroha masimong, mosebetsing wa hae, e le ka shwalane, e le monna wa thaba ya Efraime, a mpa a aheletse Gibea; athe batho ba motse oo e ne e le Babenjamine.

17. Eitse ha a emisa mahlo, a bona monna wa moeti lepatlelong la motse; yaba monna eo ya tsofetseng o re ho yena: O ya kae?

18. Eo a re ho yena: Re tswa Bethlehema-Juda, re ya letswapong la thaba ya Efraime; ke wa teng; ke ne ke ile Bethlehema-Juda, mme jwale ke ya tlung ya Jehova; leha ho le jwalo, ha ho motho ya nkamohelang tlung ya hae.

19. Athe ke na le setroi le furu ya diesele tsa rona; hape, ke na le bohobe le veine e lekaneng nna le lekgabunyane la hao, le mohlanka eo bahlanka ba hao ba nang le yena; ha re hloke letho.

Baahlodi 19