Baahlodi 18:18-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Eitse hobane bao ba bahlano ba kene tlung ya Mika, ha ba se ba nkile setshwantsho se betlilweng, le efoda, le diterafime, le setshwantsho se tsholotsweng, moprista a re ho bona: Le etsang?

19. Ba re ho yena: Thola, o thibe molomo wa hao ka letsoho, o tsamaye le rona, o be ntata rona le moprista wa rona; haele hore o be moprista wa ntlo ya motho a le mong, kapa o be moprista wa leloko le le leng le wa lesika le le leng la Iseraele, ho molemo ho wena e ka ba hofe na?

20. Yaba pelo ya moprista e a thaba; a nka efoda, le diterafime, le setshwantsho se betlilweng, a tla a ema hara batho bao.

21. Ba ntoo tloha, ba ikela; ba etelletsa bana pele, le mehlape, le diphahlo.

22. Ba re ba se ba le hole le ntlo ya Mika, ba ahisaneng le Mika ba phuthwa ka mokgosi, mme ba phallela bana ba Dane.

23. Ba howeletsa bana ba Dane; bao, ha ba reteleha, ba re ho Mika: O jewa keng ha o etla o ba phuthile ka mokgosi?

24. A re: Le nkile medimo ya ka eo ke e entseng, le moprista wa ka, mme le ile le bona; jwale, ke saletswe ke eng na? Le mpotsa jwang, ha le re: O jewa keng?

25. Bana ba Dane ba re ho yena: O se ke wa re utlwisa lentswe la hao, esere mohlomong banna ba pelo tse halefang ba le wela hodimo, mme wa itshenyetsa bophelo ba hao le ba ntlo ya hao.

26. Yaba bana ba Dane ba tswela pele tseleng ya bona. Haele Mika, ha a bona hobane ba mo feta ka matla, a kgutla, a ipoella tlung ya hae.

Baahlodi 18