Baahlodi 16:22-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Empa moriri wa hlooho ya hae wa boela wa mela, jwaloka pele, ha a ne a eso ho beolwe.

23. Yaba marena a Bafilesta a phutheha ho hlabela Dagone, modimo wa bona, sehlabelo se seholo, le ho etsa mokete; ba re: Modimo wa rona o neetse Samsone, sera sa rona, matsohong a rona.

24. Setjhaba ha se mmona, sa rorisa modimo wa sona, sa re: Modimo wa rona o neetse matsohong a rona sera sa rona, se neng se re senyetsa lefatshe le heso, se atisitseng palo ya ba heso ba bolailweng.

25. Dipelo tsa bona ha di thabile, ba re: Samsone a ke a latwe, a tle a re bapadise. Samsone a latwa teronkong, a tla, a bapala pela bona. Ba ne ba mo emisitse phakeng tsa ditshiya.

26. Samsone a re ho mohlankana ya mo tshwereng ka letsoho: Ntesele, ke tle ke tsebe ho ama ditshiya tse tshetlamisang ntlo, ke tle ke itshetlehe ka tsona.

27. Ntlo e ne e tletse banna le basadi, le wona marena a Bafilesta a ne a le teng kaofela; esita le marulelong ho ne ho na le banna le basadi ba batlileng ho etsa kete tse tharo, ba tadimang Samsone ha a bapala.

28. Samsone a hoeletsa ho Jehova, a re: Morena Jehova, nkgopole hle! Oho Modimo, nnatlafatse kajeno feela, ke tle ke pheteletse hang feela mahlo a ka a mabedi ho Bafilesta.

29. Yaba Samsone o tshwara tshiya tse pedi tse hare tse tshetlamisitseng ntlo, a itshetlehile ho e nngwe ka letsoho le letona, le ho e nngwe ka le letshehadi.

30. Samsone a re: A nke ke shwe le Bafilesta! Yaba o inamoloha ka matla a hae kaofela, mme ntlo ya wela hodima marena le hodima batho bohle ba neng ba le teng; ba bolailweng ke yena ho shweng ha hae ba eba bangata ho ba neng ba bolailwe ke yena ho pheleng ha hae.

Baahlodi 16