7. A ba a theoha, a bua le mosadi, mme Samsone a kgahlwa ke yena.
8. Kamora ditshiuana, ha a ya mo lata, a kgeloha tsela ho ya bona sefifi sa tau; a bona sehlopha sa dinotshi se le teng sefifing sa tau le mafura a tsona.
9. A nka mafura diatleng tsa hae, mme a tloha, a tsamaya a ntse a eja; eitse ha a fihla ho ntatae le mmae, a ba fa, mme le bona ba eja; a mpa a se ke a ba tsebisa hobane o nkile mafura a dinotshi sefifing sa tau.
10. Ntatae a theohela ho mosadi, mme Samsone a etsa mokete teng, kamoo e leng mokgwa wa bahlankana kateng.
11. Ha ba mmona, ba mo kgethela baetsana ba mashome a mararo, ba eba le yena.
12. Samsone a re ho bona: A nke ke le beele selotho; ha le ka ntlhalosetsa sona hantle matsatsing a supileng a mokete, la se nepa, ke tla le nea diaparo tse mashome a mararo le dikobo tse mashome a mararo tsa mokete.
13. Empa ha le sitwa ho ntlhalosetsa sona, ke lona le tla nnea diaparo tse mashome a mararo tsa mokete. Ba re ho yena: Re bolelle selotho sa hao, re se utlwe.
14. A re ho bona: Sejo se tswile ho moji, mme se hlabosehang se tswile ho ya matla. Mme ka matsatsi a mararo, ba sitwa ho hlalosa selotho.
15. Eitse ka la bosupa, ba re ho mosadi wa Samsone: Qeka monna wa hao, hore a re hlalosetse selotho; ha ho se jwalo, re tla o tjhesa, wena le ntlo ya ntatao. Hleka le re bileditse kwano hore le re tlatlape tsa rona, kapa ha ho jwalo na?
16. Mosadi wa Samsone a nna a lla pela hae, a re: O fela o ntlhoile, ha o nthate hle; o beetse bana ba setjhaba sa heso selotho, mme ha o a ka wa ntlhalosetsa sona. A re ho yena: Bona, ha esita ntate le mme ke sa ka ka ba hlalosetsa sona, nka o hlalosetsa sona ka mokgwa o jwang na?