Baahlodi 11:28-38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. Empa morena wa bana ba Ammone a hana ho mamela mantswe ao Jafeta a mo rometseng wona.

29. Yaba moya wa Jehova o tlela Jafeta, a ba a haola ka Gileade le Manasse, a feta le Mitspe wa Gileade; ha a tloha Mitspe wa Gileade, a fetela ho bana ba Ammone.

30. Jafeta a itlama ho Jehova ka kano, a re: Ekare ha o ka neela bana ba Ammone matsohong a ka,

31. motho ya tla tswa menyakong ya ntlo ya ka ho tla nkgahlanyetsa, mohla ke kgutlang ka kgotso ke hlotse bana ba Ammone, e tla ba wa Jehova, mme ke tla mo etsa setjheso.

32. Jafeta a fetela pele ho bana ba Ammone, ho ya ba lwantsha; mme Jehova a ba neela matsohong a hae.

33. a ba bolaya ka polao e kgolo, ho tloha Aroere, ho isa Minnithe, a senya le metse ya teng e mashome a mabedi, ho isa Abele-Keramime. Bana ba Ammone ba kokobetswa jwalo pela bana ba Iseraele.

34. Yaba Jafeta o kgutlela Mitspe, tlung ya hae; mme bonang, moradi wa hae a tla mo kgahlanyetsa, ka meropa le ka mehobelo e le yena ngwana ya mong ho Jafeta, a se na mora leha e le moradi, haese yena.

35. Eitse ha Jafeta a mmona, a hahola diaparo tsa hae, a re: Jo! moradi wa ka, o nkgathaditse matla; o e mong wa ba mpherekanyang, athe ke ahlamisitse molomo wa ka pela Jehova, mme ke sitwa ho kweneha.

36. Moradi wa hae a re ho yena: Ntate, ekare ha o ahlamisitse molomo wa hao pela Jehova, o nketse kamoo o boletseng kateng, haele moo o pheteleditswe ke Jehova ho dira tsa hao, bana ba Ammone.

37. A eketsa a re ho ntatae: A nke ke etsetswe ho le hong. Ntlohele kgwedi tse pedi, ke ye ke dikadike dithabeng, ke llele borwetsana ba ka, ke ena le thaka tsa ka.

38. A re ho yena: Eya. A mo tlohela kgwedi tse pedi, mme a ya le thaka tsa hae, a llela borwetsana ba hae dithabeng.

Baahlodi 11