25. Ana jwale o fetisa Balake mora Tsippore, morena wa Moabe na? Hleka o tsebile ho tsekisa Baiseraele, kapa na o bile le matla a ho ba lwantsha na?
26. Haesale Baiseraele ba ahile Heshbone le metseng ya teng, le Aroere le metseng ya teng, le metseng yohle e mabopong a Arnone, e leng ka dilemo tse makgolo a mararo, le sitilwe keng ho e lata ka motsotso o kalo?
27. Haele nna, ha ke na molato ho wena; ke wena ya nketsang hampe ka ho ntwantsha. Jehova ha e ke e be yena moahlodi ya ahlolang mahareng a bana ba Iseraele le bana ba Ammone kajeno!
28. Empa morena wa bana ba Ammone a hana ho mamela mantswe ao Jafeta a mo rometseng wona.
29. Yaba moya wa Jehova o tlela Jafeta, a ba a haola ka Gileade le Manasse, a feta le Mitspe wa Gileade; ha a tloha Mitspe wa Gileade, a fetela ho bana ba Ammone.
30. Jafeta a itlama ho Jehova ka kano, a re: Ekare ha o ka neela bana ba Ammone matsohong a ka,
31. motho ya tla tswa menyakong ya ntlo ya ka ho tla nkgahlanyetsa, mohla ke kgutlang ka kgotso ke hlotse bana ba Ammone, e tla ba wa Jehova, mme ke tla mo etsa setjheso.
32. Jafeta a fetela pele ho bana ba Ammone, ho ya ba lwantsha; mme Jehova a ba neela matsohong a hae.