Baahlodi 1:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse hobane Joshua a timele, bana ba Iseraele ba botsa Jehova, ba re: Ke mang ho rona ya tla simolla ho futuhela Bakanana le ho ba lwantsha?

2. Jehova a araba, a re: Ho futuhe Juda; bonang, ke neetse lefatshe matsohong a hae.

3. Juda a bolella Simeone ngwanabo, a re: A re nyolohele le wena fatsheng leo ke le abetsweng, re tle re futuhele Bakanana, re ntoo ya le wena ho le abetsweng wena. Mme Simeone a ya le yena.

4. Juda a nyoloha, mme Jehova a neela Bakanana le Baferese matsohong a bona, mme ba bolaya banna ba kete tse leshome Beseke.

5. Ba fihlela Adoni-Beseke motseng wa Beseke, ba mo lwantsha, mme ba qhala Bakanana le Baferese.

6. Adoni-Beseke a baleha, mme ba mo phallela, ba mo tshwara, ba mo poma menwana e metona ya matsoho le ya maoto.

7. Yaba Adoni-Beseke o re: Marena a mashome a supileng a pomilweng menwana e metona ya matsoho le ya maoto, a ne a thola makumane katlasa tafole ya ka. Modimo o buseditse ho nna seo ke se entseng. Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela teng.

8. Yaba bana ba Juda ba futuhela Jerusalema, ba o kena; ba bolaya baahi ba teng ka bohale ba lerumo, mme ba tjhesa motse.

9. Bana ba Juda ba ntoo theoha, ho ya futuhela Bakanana ba ahileng dithabeng, le Borwa, le lehwatateng.

Baahlodi 1