5. Hobane ya etsang tseo ke Morena, Jehova wa makgotla; o ama lefatshe, mme le a qhibidiha; bohle ba ahileng ho lona ba hlomoha, kaofela ha lona le phahama jwaloka noka, le boele le kokobele jwaloka noka ya Egepeta.
6. O haha matlo a hae a phahameng lehodimong; o bea lehodimo ho ba marulelo a hae hodima lefatshe; o bitsa metsi a lewatle, a a tshollele hodima lefatshe: lebitso la hae ke Jehova.
7. Ha ke re, ho nna le jwaloka bana ba Kushe, lona bara ba Iseraele? ho bolela Jehova. Na ha ke a ka ka ntsha Iseraele lefatsheng la Egepeta, jwalokaha ke ntshitse Bafilesta Kaftore, le Basiria Kire?
8. Bonang, mahlo a Morena Jehova a tjametse mmuso o tletseng dibe, mme ke tla o timetsa hodima lefatshe; feela, nke ke ka timeletsa ntlo ya Jakobo ruri, ho bolela Jehova.
9. Hobane bonang, ke a laela, mme ke tla hlokola ntlo ya Iseraele hara ditjhaba tsohle, jwalokaha ho hlokolwa koro ka sefe, ho se hlaku le e nngwe e welang fatshe.
10. Ba tla shwa ke lerumo, baetsadibe bohle ba setjhaba sa ka, ba reng: Kotsi e ke ke ya re atamela, e ke ke ya re tshwara?
11. Ka tsatsi leo, ke tla tsosa motlotlwane wa Davida o weleng, ke tsose dikgeo tsa lerako la wona; moo o helehileng ke tla o lokisa, ke tle ke o hahe jwaloka mehleng ya boholoholo;
12. ba tle ba rue ho setseng ha Edomo, le ditjhaba tsohle tse tla bitswa ka lebitso la ka, ho bolela Jehova, yena ya tlang ho etsa tseo.
13. Bonang, matsatsi a ya tla, ho bolela Jehova, ao ya lemang a tla tshwara ya kotulang; le ya dubang ditholwana tsa morara ka maoto a tshwara ya jalang peo; mme veine e ntjha e tla phalla dithabeng, le maralla wohle a tla kolla.