Amose 5:12-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Hobane ke tseba hoba ditlolo tsa lona di ngata, le hoba dibe tsa lona di atile haholo; le hlorisa ya lokileng, le nka tefo, mme bafumanehi ha le ba ahlolele kgotla.

13. Ka baka leo, mehleng ena ya bohlale o a ikgutsetsa, hobane ke mehla e mebe.

14. Batlang ho hotle, e seng ho hobe, le tle le phele, mme Jehova, Modimo wa makgotla, a fele a be le lona jwalokaha le bolela.

15. Hloyang ho hobe, le rate ho hotle, le tiise se lokileng kgotla; mohla ope, Jehova, Modimo wa makgotla, a ka hauhela masala a Josefa.

16. Ka baka leo, Jehova, Modimo wa makgotla, Monghadi, o re: Mapatlelong wohle dillo di tla ba teng, le diterateng tsohle ba tla howa, ba re: Jo! Jo! Molemi o tla biletswa ho lla, ba tsebang pina tsa mahlomola ba biletswe ho bokolla.

17. Le masimong wohle a merara dillo di tla ba teng, hobane ke tla feta mahareng a hao: ho bolela Jehova.

18. Ho madimabe lona le hlolohetsweng tsatsi la Morena! Letsatsi la Morena le le lakaletsang? E tla ba lefifi, e seng lesedi.

19. Ho tla ba jwaloka motho ha a balehela tau, mme a kgahlana le bere, kapa a kena tlung, a bea letsoho la hae leboteng ho ikokotlela, mme noha e mo loma.

20. Ha ke re, tsatsi la Morena e tla ba lefifi, e seng lesedi; botsho ba bosiu, e seng lesedi la motshehare?

21. Ke hloile, ke bile ke nyedisa mekete ya lona; ha ke rate le monko wa tse hlajwang diphuthehong tsa lona tse mahlonoko.

22. Leha le itlhahisetsa ditjheso le dinyehelo tsa lona, ha ke di thabele, leha e le mahlabelo a dinonneng tsa lona ha ke a tadime.

23. Tlosetsang lerata la dipina tsa lona hole le nna; nke ke ka mamela modumo wa diharepa tsa lona.

Amose 5