7. Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a eso ho senole morero wa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.
8. Tau e a rora: ya sa tlo tshoha ke mang? Morena Jehova o a bua: ya sa tlo porofeta ke mang?
9. Howeletsa hodima matlo a borena a Ashdode le hodima matlo a borena a lefatshe la Egepeta, le re: Phuthehelang dithabeng tsa Samaria, le tle le bone meferefere e mengata e hara yena, le dihloriso tse leng ho yena.
10. Ha ba tsebe ho etsa ho lokileng, ho itswalo ke Jehova, bao ba bokellang kgapo le tshenyo matlung a bona.
11. Ka baka leo, Morena Jehova o itse: Sera ke sena! se se se le ka nqa tsohle ho lefatshe! Se tla diha kganya ya hao, matlo a hao a borena a phahlwe.